Baroma 15:2-19 BIBELE (SSO89SO)

2. E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.

3. Le Kreste ha a a ka a ikgahlisa, empa ho bile jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Dinyefolo tsa ba o nyefolang,le nna di nkwetse hodimo.”

4. Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.

5. Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu,

6. e le hore le tle le tlotlise Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, le le pelonngwe le ntsweleng.

7. Ka baka leo, amohelanang, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse tlotlisong ya Modimo.

8. Ke a le bolella, ke re, Kreste e bile mosebeletsi wa Bajuda ho bontsha hore Modimo o na le nnete, hore a tiise ditshepiso tse etseditsweng bo-ntata rona,

9. mme baditjhaba ba tle ba tlotlise Modimo ka baka la mohau wa hae, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Ka baka leo,ke tla o boka hara baditjhaba,ke roke lebitso la hao.”

10. Hape ho thwe:“Nyakallang, lona baditjhaba,mmoho le setjhaba sa hae.”

11. Ho bile ho thwe:“Rorisang Morena,lona baditjhaba bohle,mo tlotliseng,lona merabe yohle.”

12. Esaya le yena o re:“Ho tla tla setloholo sa Jese,se tla bewa ho busa baditjhaba,mme baditjhaba ba tla se tshepa.”

13. Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.

14. Bana beso, nna ke kgodisehile hore lona le molemo, le na le tsebo yohle le matla a ho eletsana.

15. Empa dikarolong tse ding ke le ngoletse ke sa tshabe ho le hopotsa ditaba tse ding, ka baka la mohau oo ke o neilweng ke Modimo,

16. wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.

17. Ka baka leo, nka ithorisa ka Kreste Jesu tshebeletsong ya Modimo.

18. Nke ke ka ba sebete ho bua ka letho haese ka tseo Kreste a di sebeditseng ka nna, ka dipolelo le ka diketso, hore baditjhaba ba mamele Modimo.

19. Tsena di tlile ka matla a mehlolo le a dimakatso, ka matla a Moya wa Modimo. Ka tsela eo ke phatlaladitse molaetsa o molemo wa Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema, ke potoloha, ke ya fihla Ilorikone.

Baroma 15