1. Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa.
2. E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.
3. Le Kreste ha a a ka a ikgahlisa, empa ho bile jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Dinyefolo tsa ba o nyefolang,le nna di nkwetse hodimo.”
4. Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.
5. Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu,
6. e le hore le tle le tlotlise Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, le le pelonngwe le ntsweleng.
7. Ka baka leo, amohelanang, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse tlotlisong ya Modimo.
8. Ke a le bolella, ke re, Kreste e bile mosebeletsi wa Bajuda ho bontsha hore Modimo o na le nnete, hore a tiise ditshepiso tse etseditsweng bo-ntata rona,