15. Ha o swabisa ngwaneno ka dijo tsa hao, ha o sa sebetsa ka lerato. Ka dijo tsa hao, o se ke wa timetsa eo Kreste a mo shwetseng.
16. Ka baka leo, seo le reng se molemo ho lona, le se ke la etsa hore se nyefolwe.
17. Mmuso wa Modimo hase taba ya dijo le dino, empa ke taba ya ho loka, ya ho ba le kgotso, le ya ho thabiswa ke Moya o Halalelang.
18. Ya sebeletsang Kreste ka tsena o kgahlisa Modimo, mme o hlomphuwa ke batho.
19. Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.
20. O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa.
21. Ho molemo ho se je nama, kapa ho se nwe veine, kapa ho se etse letho le leng le ka kgelosang ngwaneno.