17. Se buseletseng bobe ka bobe; pheellang ho etsa tse ntle mahlong a batho bohle.
18. Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng.
19. Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.
20. Empa:“Ha sera sa hao se lapile,se fepe; ha se nyorilwe,se fe metsi se nwe;ka ho etsa jwaloo se hlabisa dihlong.”
21. O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.