Baroma 12:11-18 BIBELE (SSO89SO)

11. Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.

12. Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.

13. Kenyang letsoho thusong ya badumedi ba hlokang, thabelang ho amohela baeti.

14. Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka.

15. Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.

16. Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.

17. Se buseletseng bobe ka bobe; pheellang ho etsa tse ntle mahlong a batho bohle.

18. Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng.

Baroma 12