1. Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.
2. Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.
3. Ka baka la neo ya mohau eo ke e neilweng, ke bolella e mong le e mong wa lona hore a se ke a ikgopola ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokgwa o lekaneng, ho ya kamoo Modimo a lekanyeditseng e mong le e mong tumelo ya hae kateng.
4. Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang,
5. ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.
6. Jwale re na le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng. Ya neilweng ho porofeta, a porofete ka ho ya ka tumelo;
7. ya neilweng ho sebeletsa, a sebeletse; ya neilweng ho ruta, a rute;
8. ya neilweng ho kgothatsa, a kgothatse; ya fanang, a fane ka matsoho a mabedi; ya okametseng, a okamele ka mafolofolo; ya etsang mohau, a o etse ka thabo.
9. Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.
10. Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.