Baroma 11:26-36 BIBELE (SSO89SO)

26. Ka mokgwa ona setjhaba sa Iseraele kaofela se tla pholoswa, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Molopolli o tla tswa Sione,o tla tlosa ho se tshabe Modimoho ba leloko la Jakobo.

27. Sena ke sona selekaneseo ke tla se etsa le bona,ha ke tlosa dibe tsa bona.”

28. Bona ba fetohile dira tsa Modimo, hore lona le tle le amohele molaetsa o molemo. Kaha ba khethilwe ke Modimo, ke baratuwa ba hae, ka baka la baholoholo,

29. hobane Modimo ha a kwenehele bao a ba sitsitseng, le bao a ba bitsitseng.

30. Pele le ne le sa mamele Modimo, empa kajeno le hauhetswe ka baka la ho se mamele ha setjhaba sa Iseraele.

31. Ka mokgwa o jwalo, le sona kajeno ha se mamele, e le hore, ka baka la ho hauhelwa ha lona, le sona se tle se hauhelwe.

32. Modimo o tloheletse bohle ho ipea ditlamong tsa ho se mamele, e le hore a tsebe ho hauhela bohle.

33. Borui, le bohlale,le tsebo ya Modimodi kaakang!Dikahlolo tsa haedi ka hlaloswa jwang!Ditsela tsa haedi ka utlwisiswa jwang!

34. “Ke mangya tsebang mehopolo ya Morena?Ke mangeo e bileng moeletsi wa hae?”

35. “Kapa ke mangya kileng a mo fa ho hong,hore a tle a mo buseletse?”

36. Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!

Baroma 11