Baroma 11:12-31 BIBELE (SSO89SO)

12. Ha e le mona tshito ya bona e ruisitse lefatshe, mme bokwenehi ba bona bo ruisitse baditjhaba, tshokoloho ya bona bohle e tla ruisa lefatshe hakaakang!

13. Jwale ke bua le lona, baditjhaba. Kaha ke le moapostola wa baditjhaba, ke motlotlo ka mosebetsi wa ka,

14. mme mohlomong nka etsa hore setjhaba sa heso se be lefufa, ke tle ke pholose ba bang ba sona.

15. Haesita ho furallwa ha sona ho tlisitse poelano ya lefatshe le Modimo, ho amohelwa ha sona ho tla tlisa eng, haese bophelo ho ba shweleng?

16. Ha senkgwa sa pele se nyehellwa Modimo, dinkgwa tsohle tsabo sona di a halalela, mme ha motso wa sefate o halalela, le makala a sona a a halalela.

17. Haeba makala a mang a sefate sa mohlwaare wa hae a kgaotswe, mme wena, o leng mohlwaare wa naha, o hlomathiseditswe ho sona, mme wa ba le kabelo lerong le tswang motsong wa sona,

18. o se ke wa ikgohomosetsa makala a kgaotsweng. O ka ikgohomosa kang, e se wena ya fepang motso, e le motso o o fepang?

19. Empa o tla re: “Makala a kgaotswe hore nna ke hlomathisetswe sefateng.”

20. E, ho jwalo. A kgaotswe ka baka la ho se dumele, athe wena o hlomathetse ka baka la tumelo. O se ke wa ikakasa, o mpe o tshabe,

21. hobane ha Modimo a sa ka a qenehela makala ao a sefate, a tlhaho, le wena a ke ke a o qenehela.

22. Ha ho le jwalo, bona mosa le bohale ba Modimo. O halefetse ba weleng, empa o mosa ho wena, haeba o itshwareletse ka mosa oo; ho seng jwalo le wena o tla rengwa.

23. Le bona, ha ba ka kgaotsa ho se dumele, ba tla hlomathiswa, hobane Modimo o na le matla a ho boela a ba hlomathisa.

24. Ha e le mona wena, eo ka tlhaho o leng lekala la mohlwaare wa naha, o remilwe, mme o hlomathiseditswe mohlwaareng wa hae, ka mokgwa oo e seng wa tlhaho, ho tla ba bonolo hakaakang, ho bao ka tlhaho e leng makala a mohlwaare wa hae, hore ba boele ba hlomathiswe mohlwaareng wa bona!

25. Bana beso, ho na le sephiri seo ke sa rateng hore le hloke tsebo ya sona, esere la ipona le le bohlale: e leng hore karolo e itseng ya setjhaba sa Iseraele e tla thatafala ho fihlela ha ho kene palo e lekaneng ya baditjhaba.

26. Ka mokgwa ona setjhaba sa Iseraele kaofela se tla pholoswa, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Molopolli o tla tswa Sione,o tla tlosa ho se tshabe Modimoho ba leloko la Jakobo.

27. Sena ke sona selekaneseo ke tla se etsa le bona,ha ke tlosa dibe tsa bona.”

28. Bona ba fetohile dira tsa Modimo, hore lona le tle le amohele molaetsa o molemo. Kaha ba khethilwe ke Modimo, ke baratuwa ba hae, ka baka la baholoholo,

29. hobane Modimo ha a kwenehele bao a ba sitsitseng, le bao a ba bitsitseng.

30. Pele le ne le sa mamele Modimo, empa kajeno le hauhetswe ka baka la ho se mamele ha setjhaba sa Iseraele.

31. Ka mokgwa o jwalo, le sona kajeno ha se mamele, e le hore, ka baka la ho hauhelwa ha lona, le sona se tle se hauhelwe.

Baroma 11