Baroma 11:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale ke a botsa: Na Modimo o lahlile setjhaba sa hae na? Le kgale! Le nna ke Moiseraele, ke setloholo sa Aborahama, ke wa leloko la Benjamine.

2. Modimo ha a a lahla setjhaba sa hae seo a se tsebileng e sa le pele. Kapa na ha le tsebe seo Mangolo a se bolelang ka Elia, ha a ne a lla ho Modimo ka Baiseraele, a re:

3. “Morena, ba bolaile baporofeta ba hao, ba dihile dialetare tsa hao; ke setse ke le mong, mme ba batla ho mpolaya.”

4. Empa Modimo o mo arabile jwang? O re: “Ke ipoloketse banna ba kete tse supileng, ba sa kang ba kgumamela Baale.”

5. Le nakong ya jwale ho ntse ho le jwalo: methwaela e setseng e teng e ileng ya kgethwa ka mohau wa Modimo.

6. Empa haeba e le ka mohau, ha e sa le ka baka la diketso; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau.

7. Jwale? Seo Baiseraele ba neng ba se batla, ha ba a ka ba se fumana, empa bakgethwa ba se fumane. Ha e le ba bang ba thotofaditswe,

Baroma 11