7. “Kapa: <Ke mang ya tla theohela botebong ba lefatshe?> ” hore a yo nyolla Kreste bafung.
8. Ho thweng hape?“Lentswe le haufi le wena,le molomong wa haole ka pelong ya hao,”e leng lentswe la tumelo, leo re le phatlalatsang.
9. Ha o bolela Morena Jesu ka molomo wa hao, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoswa.
10. Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe,
11. hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”
12. Ha ho kgethollo pakeng tsa Mojuda le moditjhaba, hobane Kreste ke yena Morena wa bohle, ya ruisang bohle ba mo rapelang.
13. Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.
14. Ha ho le jwalo, ba ka rapela jwang eo ba sa dumelang ho yena? Ba ka dumela jwang eo ba sa kang ba utlwa tsa hae? Ba ka di utlwa jwang ho se ya di bolelang?
15. Ba ka di bolela jwang ha ba sa rongwa? Ho jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “A matle hakaakang maoto a ba phatlalatsang molaetsa o molemo!”
16. Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo, hobane Esaya o itse: “Morena, ke mang ya dumelang seo re se bolelang?”
17. Jwale tumelo re e fumana ka ho utlwa, mme seo re se utlwang ke lentswe la Kreste.
18. Empa ke a botsa: Na ha ba a ka ba utlwa? Ba fela ba utlwile.“Lentswe la bonale utlwahetse lefatsheng lohle,mme dipolelo tsa bonadi fihlile dipheletsong,di fihlile pheletsong tsa lefatshe.”
19. Jwale ke re: Na Baiseraele ha ba a ka ba utlwisisa? Moshe o ne a se a ile a re:“Nna ke tla le bakela lefufaka bao e seng setjhaba,ke tla le halefisaka setjhaba se sethoto.”
20. Esaya yena o bile sebete hoo a ileng a re:“Ke fumanweke ba neng ba sa mpatle,ke itshenoletseba neng ba sa botse letho ka nna.”
21. Athe ho Baiseraele o itse: “Ke qetile tsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka setjhabeng se sa mameleng, se hanyetsang.”