Baroma 10:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapelo eo ke ba rapellang ka yona ho Modimo, ke hore ba pholoswe.

2. Ke paki ya bona ya hore ba tjhesehela Modimo, leha e se ka tsebo ya nnete.

3. Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo,

4. hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.

5. Moshe ha a ngola ka ho loka ho tswang Molaong, o re: “Motho ya phethang Molao o tla phela ka hona.”

6. Empa ha ho buuwa ka ho loka ho tswang tumelong, ho thwe: “O se ke wa re ka pelong ya hao: <Ke mang ya tla nyolohela lehodimong?> ” hore a yo theola Kreste teng.

7. “Kapa: <Ke mang ya tla theohela botebong ba lefatshe?> ” hore a yo nyolla Kreste bafung.

8. Ho thweng hape?“Lentswe le haufi le wena,le molomong wa haole ka pelong ya hao,”e leng lentswe la tumelo, leo re le phatlalatsang.

9. Ha o bolela Morena Jesu ka molomo wa hao, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla pholoswa.

10. Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe,

11. hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”

12. Ha ho kgethollo pakeng tsa Mojuda le moditjhaba, hobane Kreste ke yena Morena wa bohle, ya ruisang bohle ba mo rapelang.

13. Mang le mang ya tla rapela Morena, o tla pholoswa.

14. Ha ho le jwalo, ba ka rapela jwang eo ba sa dumelang ho yena? Ba ka dumela jwang eo ba sa kang ba utlwa tsa hae? Ba ka di utlwa jwang ho se ya di bolelang?

Baroma 10