8. Ke qala ka ho leboha Modimo wa ka, ka Jesu Kreste, ka baka la lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.
9. Modimo eo ke mo sebeletsang ka moya wa ka wohle, ka ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mora wa hae, ke paki ya ka, ya kamoo ke sa phetseng kateng ho le rapella.
10. Kamehla, dithapelong tsa ka, ke ntse ke kopa hore qetellong ke mpe ke fumane monyetla wa ho tla ho lona, ha e le thato ya Modimo.
11. Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe.
12. Hona ke ho re, ha ke le ho lona, re kgothatsane ka tumelo ya rona bohle, nna ka tumelo ya lona, le lona ka ya ka.
13. Bana beso, ke rata ha le tseba hore ke rerile ka makgetlo ho le etela, empa ho fihlela jwale ke sa hlotswe. Ke ne ke rata hore le hara lona ke tle ke fumane ditholwana tsa mosebetsi wa ka, jwaloka ditjhabeng tse ding.