Baroma 1:28-32 BIBELE (SSO89SO)

28. Kaha ba ne ba sa bone ho hlokeha hore ba amohele Modimo eo ba mo tsebileng, Modimo o ba tloheletse ba ntse ba tsherehane dikelello, e le hore ba etse tse sa tshwanelehang.

29. Ba tletse ho se loke hohle, bokgopo, meharo, bobe; ba tletse mona, polao, diphapang, mano, mekgwa e mebe; ke basebi,

30. baetseletsi, ba hloileng Modimo, baikakasi, baikgohomosi, baithorisi, baqapi ba tse mpe, ba sa utlweng batswadi,

31. ba hlokang kutlwisiso, botshepehi, lerato le mohau.

32. Leha ba tseba hantle taelo ya Modimo e reng ba etsang tse jwalo ba lokelwa ke lefu, ha ba di etse e le bona feela, empa ba bile ba thoholetsa le ba bang ba di etsang.

Baroma 1