Baroma 1:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Nna Paulosi, mohlanka wa Kreste Jesu, ke bitseditswe ho ba moapostola. Ke kgethetswe ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo,

2. oo a neng a o tshepise batho e sa le pele, ka baporofeta ba hae, Mangolong a halalelang.

3. Molaetsa oo o bua ka Mora wa Modimo, eo ho ya ka nama, a tswetsweng lelokong la Davida;

4. athe ho ya ka Moya wa kgalalelo ho ile ha bolelwa, ka tsoho ya hae bafung, hore ke Mora ya matla wa Modimo, Jesu Kreste, Morena wa rona.

5. Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.

6. Le lona, le le ba bitsitsweng ke Jesu Kreste, le balellwa hara tsona.

Baroma 1