Baroma 1:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Nna Paulosi, mohlanka wa Kreste Jesu, ke bitseditswe ho ba moapostola. Ke kgethetswe ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo,

2. oo a neng a o tshepise batho e sa le pele, ka baporofeta ba hae, Mangolong a halalelang.

3. Molaetsa oo o bua ka Mora wa Modimo, eo ho ya ka nama, a tswetsweng lelokong la Davida;

4. athe ho ya ka Moya wa kgalalelo ho ile ha bolelwa, ka tsoho ya hae bafung, hore ke Mora ya matla wa Modimo, Jesu Kreste, Morena wa rona.

5. Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.

6. Le lona, le le ba bitsitsweng ke Jesu Kreste, le balellwa hara tsona.

7. Ke dumedisa ba leng Roma, bao Modimo a ba ratang, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.

8. Ke qala ka ho leboha Modimo wa ka, ka Jesu Kreste, ka baka la lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.

9. Modimo eo ke mo sebeletsang ka moya wa ka wohle, ka ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mora wa hae, ke paki ya ka, ya kamoo ke sa phetseng kateng ho le rapella.

10. Kamehla, dithapelong tsa ka, ke ntse ke kopa hore qetellong ke mpe ke fumane monyetla wa ho tla ho lona, ha e le thato ya Modimo.

Baroma 1