Bakolose 4:7-11 BIBELE (SSO89SO)

7. Tikikose, ngwanabo rona ya ratehang, mosebeletsi ya tshepahalang wa Morena le molekane wa rona wa bohlanka, o tla le tsebisa tsohle tsa ka.

8. Ke ka lona lebaka lena ke mo romelang ho lona, hore le tle le tsebe tsa rona, mme a kgothatse dipelo tsa lona.

9. O tsamaya le Onesimose, ngwanabo rona ya tshepahalang, ya ratehang, eo e leng mohahabo lona. Ba tla le tsebisa tsohle tsa kwano.

10. Le dumediswa ke Arisetarekose eo re leng ditlamong le yena, le Mareka motswala Baranabase, eo le seng le fumane ditaelo tse amanang le yena. Mo amoheleng, haeba a ka tla ho lona.

11. Hape le dumediswa ke Jesu ya bitswang Jusetose. Bao ke bona feela ho Bajuda ba sebeleditseng Mmuso wa Modimo hammoho le nna, ba ntshedisitseng haholo.

Bakolose 4