Bakolose 4:11-18 BIBELE (SSO89SO)

11. Hape le dumediswa ke Jesu ya bitswang Jusetose. Bao ke bona feela ho Bajuda ba sebeleditseng Mmuso wa Modimo hammoho le nna, ba ntshedisitseng haholo.

12. Le dumediswa ke Epafarase, mohahabo lona, mohlanka wa Kreste Jesu. Kamehla o le rapella ka matla, hore le eme le tiile, le phethehile, le amohetse ka ho tlala thato yohle ya Modimo.

13. Ke paka hore o sebeditse ka thata ka baka la lona, le la ba Laodisea, le la ba Hirapolese.

14. Luka, ngaka e ratehang, le Demase, ba a le dumedisa.

15. Dumedisang badumedi ba Laodisea, le Numefa, le kereke e phuthehelang tlung ya hae.

16. Ha le se le badile lengolo lena, le le fetisetse ho ba kereke e Laodisea ba le bale; le lona le bale le tswang Laodisea.

17. Le be le re ho Arekipose: “Hlokomela ho phetha mosebetsi wa Morena, oo o o abetsweng.”

18. Tumediso ena e ngotswe ke nna Paulosi, ka letsoho la ka. Se lebaleng hore ke ditlamong. Mohau o ke o be le lona.

Bakolose 4