9. Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae.
10. Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.
11. Hape ho yena le boloditswe ka lebollo leo e seng la batho, empa leo e leng lebollo la Kreste, le le lokollang matleng a mmele ona wa botho.
12. Ka kolobetso le epetswe le yena, la ba la tsoswa le yena bafung, ka ho tshepa matla a Modimo ya mo tsositseng bafung.
13. Le ne le shwele ka baka la dibe tsa lona, le ne le sa bolla moyeng, empa Modimo o ile a le phedisa mmoho le Kreste, a le tshwarela ditshito tsohle tsa lona.
14. O hlakotse lengolo la molato mmoho le ditaelo tsa lona tse neng di re ahlola, a le kgokgothella sefapanong.
15. Ka sona meya e busang le e okamelang, ya amohuwa matla a yona ke Kreste; a e hobosa, a e kenya mokolokong wa hae wa tlholo e le bathopuwa.
16. Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha.
17. Tsena tsohle e ne e le seriti feela sa tse tlang ho tla; hoo e leng ha nnete ke Kreste.
18. Le se ke la hlokiswa moputso wa lona ke ba ikokobetsang ka mokgwa o fosahetseng, mme ba rapelang mangeloi, ba reng ba bona dipono, ba ikgohomosang ka dintho tsa lefeela ka baka la menahano ya bona ya botho.
19. Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.
20. Erekaha le shwele le Kreste, mme le lokolotswe matleng a meya e busang lefatshe, ho ya kang ha le ntse le phela jwaloka hoja le ba lefatshe lee, le ntse le hlompha ditaelo tse kang tsena:
21. “Se ka ama hona; se ka latswa hono; se ka thetsa hane?”
22. Tsena tsohle ke tse senyehang ha di sebediswa. Hona ke ho latela melawana le dithuto tse tswang ho batho.
23. Leha ho ba le borapedi ba maiketsetso, ho ikokobetsa ka mokgwa o fosahetseng, ho hlokofatsa mmele, di bonahala e ka di na le bohlale, ha di na thuso, haese ho tjhatjhehisa ditakatso tsa botho.