Bakolose 2:6-16 BIBELE (SSO89SO)

6. Jwale, kaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, phelang mmoho le yena.

7. Metso ya bophelo ba lona e ke e tebe ka ho yena, e be yena motheo wa bona; le tiye tumelong kamoo le e rutilweng kateng, mme teboho ya lona e kgaphatsehe.

8. Hlokomelang, esere e mong a le tshwasa, a le thetsa ka mafeela a bohlale ba botho, bo ipapisitseng le meetlo ya batho, boo e leng ba meya e busang lefatshe, e seng ba Kreste.

9. Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae.

10. Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.

11. Hape ho yena le boloditswe ka lebollo leo e seng la batho, empa leo e leng lebollo la Kreste, le le lokollang matleng a mmele ona wa botho.

12. Ka kolobetso le epetswe le yena, la ba la tsoswa le yena bafung, ka ho tshepa matla a Modimo ya mo tsositseng bafung.

13. Le ne le shwele ka baka la dibe tsa lona, le ne le sa bolla moyeng, empa Modimo o ile a le phedisa mmoho le Kreste, a le tshwarela ditshito tsohle tsa lona.

14. O hlakotse lengolo la molato mmoho le ditaelo tsa lona tse neng di re ahlola, a le kgokgothella sefapanong.

15. Ka sona meya e busang le e okamelang, ya amohuwa matla a yona ke Kreste; a e hobosa, a e kenya mokolokong wa hae wa tlholo e le bathopuwa.

16. Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha.

Bakolose 2