Bakolose 2:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Ke rata ha le ka tseba kamoo ke le lwanetseng haboima kateng, lona, le baahi ba Laodisea, le ba bang ba bangata ba sa tsebeng le sefahleho sa ka.

2. Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.

3. Ke ho yena Kreste moo matlotlo wohle a bohlale le a tsebo a patilweng teng.

4. Ke le bolella tsena e le hore ho se be ya ka le kgelosang ka dipuo tse hapang.

5. Le hoja ke le siyo ka seqo, ke ntse ke ena le lona ka moya, mme ke thabela ho bona kamoo le itlhophisitseng, le tiileng kateng tumelong ya lona ho Kreste.

6. Jwale, kaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, phelang mmoho le yena.

7. Metso ya bophelo ba lona e ke e tebe ka ho yena, e be yena motheo wa bona; le tiye tumelong kamoo le e rutilweng kateng, mme teboho ya lona e kgaphatsehe.

8. Hlokomelang, esere e mong a le tshwasa, a le thetsa ka mafeela a bohlale ba botho, bo ipapisitseng le meetlo ya batho, boo e leng ba meya e busang lefatshe, e seng ba Kreste.

9. Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae.

10. Ka yena, eo e leng hlooho ya meya yohle e busang, le e okamelang, le neilwe bophelo ka ho tlala.

11. Hape ho yena le boloditswe ka lebollo leo e seng la batho, empa leo e leng lebollo la Kreste, le le lokollang matleng a mmele ona wa botho.

12. Ka kolobetso le epetswe le yena, la ba la tsoswa le yena bafung, ka ho tshepa matla a Modimo ya mo tsositseng bafung.

13. Le ne le shwele ka baka la dibe tsa lona, le ne le sa bolla moyeng, empa Modimo o ile a le phedisa mmoho le Kreste, a le tshwarela ditshito tsohle tsa lona.

Bakolose 2