Bakolose 1:9-26 BIBELE (SSO89SO)

9. Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae.

10. Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo.

11. Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng.

12. A le ke le leboheng Modimo Ntate ka thabo, yena ya le entseng ba lokelang ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi, leseding.

13. O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang,

14. eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.

15. Kreste ke setshwantsho sa Modimo ya sa bonweng. Ke yena Letsibolo, ya bileng teng pele ho tsohle tse hlodilweng.

16. Ke ka yena Modimo a hlodileng tsohle, mahodimong le lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, esita le meya e laolang, leha e le e renang, e busang kapa e okamelang. Tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.

17. Yena o bile teng pele ho tsohle, mme tsohle di tlamahantswe ke yena.

18. Hape ke yena hlooho ya mmele, e leng kereke. Ke yena qaleho, ke yena wa pele ya tsohileng bafung, e le hore, dinthong tsohle, e tle e be yena wa pele.

19. Ho kgahlile Modimo hore Kreste a be le bomodimo ka ho tlala,

20. le hore, ka Kreste, a boelanye dintho tsohle le yena, leha e le tse lefatsheng kapa tse mahodimong, ka ho hloma kgotso ka madi a Kreste a tsholohileng sefapanong.

21. Pele le lona le ne le le hole le Modimo, le le dira tsa hae ka mehopolo ya lona le ka mesebetsi ya lona e mebe.

22. Empa kajeno Modimo o le boelantse le yena ka lefu la Kreste, ka mmele wa hae o shwang, e le hore le tsebe ho hlaha pela hae le le ba halalelang, ba se nang sekodi, ba hlwekileng.

23. Feela eka kgona le tiisetse tumelong. Le tshware le tiye, le se kgelohe tshepong eo le bileng le yona ha le utlwa molaetsa o molemo, o phatlalletswang dibopuwa tsohle tse tlasa letsatsi, oo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa wona.

24. Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.

25. Ke entswe mosebeletsi wa kereke, ho ya ka mosebeletsi oo Modimo a nkabetseng wona hara lona, wa ho le ruta lentswe la hae ka ho tlala.

26. Lentswe leo ke sephiri se neng se patetswe meloko e fetileng ho tloha kgale, empa kajeno se senoletswe badumedi ba hae.

Bakolose 1