Bakolose 1:9-18 BIBELE (SSO89SO)

9. Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae.

10. Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo.

11. Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng.

12. A le ke le leboheng Modimo Ntate ka thabo, yena ya le entseng ba lokelang ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi, leseding.

13. O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang,

14. eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.

15. Kreste ke setshwantsho sa Modimo ya sa bonweng. Ke yena Letsibolo, ya bileng teng pele ho tsohle tse hlodilweng.

16. Ke ka yena Modimo a hlodileng tsohle, mahodimong le lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, esita le meya e laolang, leha e le e renang, e busang kapa e okamelang. Tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.

17. Yena o bile teng pele ho tsohle, mme tsohle di tlamahantswe ke yena.

18. Hape ke yena hlooho ya mmele, e leng kereke. Ke yena qaleho, ke yena wa pele ya tsohileng bafung, e le hore, dinthong tsohle, e tle e be yena wa pele.

Bakolose 1