Baheberu 9:21-28 BIBELE (SSO89SO)

21. Yaba o foka le Tente ka madi, le dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong.

22. Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.

23. Ha e le mona dintho tsena, tse tshwantshang tse mahodimong, di hlwekiswa ka mokgwa ona, eka kgona tsena tsa mahodimo tsona di hlwekiswe ka mahlabelo a fetang ao.

24. Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.

25. Moprista e Moholo o kena ka Sehalalelong ka selemo le selemo, a nkile madi ao e seng a hae, empa Kreste ha a a ka a inyehela ka makgetlo a mangata.

26. Hoja ho ne ho le jwalo, e ne eka kgona a hlokofatswe hangata ho tloha tlholehong ya lefatshe. Empa o bonahaditswe hanngwe feela mehleng ena ya qetello, ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.

27. Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.

28. Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.

Baheberu 9