1. Moprista e mong le e mong e Moholo o kgethilwe hara batho, o beetswe ho sebeletsa Modimo sebakeng sa bona, hore a tle a nyehele ka dimpho le ka mahlabelo ka baka la dibe.
2. Erekaha le yena a imetswe ke mefokolo e mengata, a ka ba le hona ho qenehela ba sa tsebeng le ba kgelohileng.
3. Kaha le yena a fokola, o tshwanetse ho nyehela ka mahlabelo ka baka la dibe, e seng tsa setjhaba feela, empa le ka baka la tsona tsa hae.
4. Ha ho ya ka inkelang tlotla eo, hobane motho o bitswa ke Modimo, jwaloka Arone.
5. Ka mokgwa o jwalo le yena Kreste ha a a ka a inkela tlotla ya ho ba Moprista e Moholo, empa o entswe yena ke ya itseng:“O Mora wa ka,kajeno ke o tswetse;”
6. jwalokaha sebakeng se seng a re:“O moprista ka mehla yohlejwaloka Meleki-Sedeke.”
7. Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.
8. Empa leha e ne e le Mora wa Modimo jwalo, ka mahloko a hae o ile a ithuta ho mamela.
9. Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang,
10. mme Modimo a mo phatlalatsa e le Moprista e Moholo jwaloka Meleki-Sedeke.
11. Di ngata tseo re ka di bolelang ka taba ena, empa ho thata ho le hlalosetsa tsona, hobane le lenama ho mameleng.