Baheberu 12:16-24 BIBELE (SSO89SO)

16. Ho se be mang kapa mang eo e leng sehlola, kapa ya sa tshabeng Modimo jwaloka Esau, yena ya neng a fane ka ditokelo tsa boholo ba hae ba tswalo ho reka mothangwana wa sejo.

17. Le a tseba kamoo hamorao, ha a ne a lokela ho newa tlhlohonolofatso, a ileng a lahlwa kateng, hobane o ne a sitwa ho etsolla seo a neng a ile a se etsa, leha a ne a leka ho etsa jwalo ka meokgo.

18. Lona ha le a tla thabeng e ka angwang ka matsoho, e tukang malakabe, e lefifi, e ntsho, e hara sefefo,

19. moo ho llang terompeta, ho utlwahalang le lentswe la ya buang. Ba neng ba le utlwa ba ile ba ikopela hore le mpe le kgaotse.

20. Ba ne ba ke ke ba mamela taelo e reng: “Esita le phoofolo ha e ka thetsa thaba, e tla tlepetswa ka majwe.”

21. Pono eo e ne e tshabeha hoo Moshe a ileng a re: “Ke tshohile, ke a thothomela.”

22. Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo ya phelang, e leng Jerusalema ya lehodimo, le ho diketekete tsa wona tsa mangeloi.

23. Le tlile phuthehong ya matsibolo ao mabitso a wona a ngotsweng bukeng ya lehodimo; le tlile le ho Modimo, moahlodi wa batho bohle, le ho meya ya ba lokileng, ba fihletseng phetheho.

24. Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.

Baheberu 12