Baheberu 11:7-24 BIBELE (SSO89SO)

7. Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.

8. Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng.

9. Ka tumelo ya eba mojaki naheng eo a e tshepisitsweng. A phela ditenteng le Isaka le Jakobo, bao e bileng majalefa a tshepiso e le nngwe hammoho le yena.

10. O ne a ntse a lebeletse motse o nang le motheo o tiileng, e leng motse o rerilweng, mme wa hahwa ke Modimo ka sebele.

11. Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.

12. Ka baka lena monna a le mong, eo e neng e se e le mobu, o ile a tswala ditloholo tse ngata jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, le ke keng la balwa.

13. Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.

14. Ba buang jwalo ba bontsha ka mokgwa o totobetseng hore ba batla naha eo e leng ya habo bona.

15. Hoja ba ne ba sa ntse ba hopola naha eo ba neng ba etswa ho yona, ba ka be ba fumane sebaka sa ho kgutlela ho yona.

16. Empa jwale ba labalabela e nngwe, e lehodimong, e fetang eo ka molemo. Ka baka leo, Modimo ha a dihlong ho bitswa Modimo wa bona, hobane o ba lokiseditse motse.

17. Ka tumelo mohla Aborahama a lekwang, o ile a nyehela ka Isaka. A nyehela ka mora wa hae ya inotshi, leha a ne a etseditswe ditshepiso,

18. mme ho itswe ho yena: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”

19. O ne a ikgodisitse hore Modimo o na le matla, esita le a ho tsosa motho bafung. Kahoo a boela a amohela mora wa hae, jwaloka hoja a tsohile bafung.

20. Ka tumelo Isaka o ile a hlohonolofaletsa Jakobo le Esau tse tlang ho ba teng.

21. Ka tumelo ha Jakobo a le lekgatheng la ho shwa, o ile a hlohonolofatsa bara ba Josefa ka bonngwe, mme a kgumama, a rapela a itsheheditse ka lere la hae.

22. Ka tumelo ha Josefa a le lekgatheng la ho shwa, o ile a bua ka ho tswa ha bana ba Iseraele Egepeta, a ba a fana ka ditaelo tse amanang le masapo a hae.

23. Ka tumelo yare hoba Moshe a tswalwe, a patwa dikgwedi tse tharo ke batswadi ba hae. Ba mmona e le ngwana e motle, mme ha ba a ka ba tshoswa ke taelo ya kgosi.

24. Ka tumelo ha Moshe a se a hodile, o ile a hana ho bitswa mora wa moradi wa Faro;

Baheberu 11