Baheberu 11:3-8 BIBELE (SSO89SO)

3. Ka tumelo re utlwisisa hore lefatshe lohle le bopilwe ka lentswe la Modimo, mme tse bonwang di tswa ho tse sa bonweng.

4. Ka tumelo Abele o ile a nyehella Modimo ka sehlabelo se setle ho feta sa Kaine. Ke ka yona a pakilweng hore o lokile, kaha Modimo a ananetse dimpho tsa hae, mme ka yona Abele o ntse a bua, leha a shwele.

5. Ka tumelo Henoke o ile a nkelwa lehodimong, a sa ka a shwa. Ha a a ka a hlola a fumanwa, hobane Modimo a ne a mo nke. Efela, pele a nkwa, o ne a pakilwe hore o kgahlisitse Modimo.

6. Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.

7. Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.

8. Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng.

Baheberu 11