Baheberu 11:13-19 BIBELE (SSO89SO)

13. Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.

14. Ba buang jwalo ba bontsha ka mokgwa o totobetseng hore ba batla naha eo e leng ya habo bona.

15. Hoja ba ne ba sa ntse ba hopola naha eo ba neng ba etswa ho yona, ba ka be ba fumane sebaka sa ho kgutlela ho yona.

16. Empa jwale ba labalabela e nngwe, e lehodimong, e fetang eo ka molemo. Ka baka leo, Modimo ha a dihlong ho bitswa Modimo wa bona, hobane o ba lokiseditse motse.

17. Ka tumelo mohla Aborahama a lekwang, o ile a nyehela ka Isaka. A nyehela ka mora wa hae ya inotshi, leha a ne a etseditswe ditshepiso,

18. mme ho itswe ho yena: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”

19. O ne a ikgodisitse hore Modimo o na le matla, esita le a ho tsosa motho bafung. Kahoo a boela a amohela mora wa hae, jwaloka hoja a tsohile bafung.

Baheberu 11