Bagalata 6:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.

2. Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.

3. Ha motho a ikgopola hore ke letho, empa e se letho, o a ithetsa.

4. Motho ka mong a hlahlobe diketso tsa hae, e be hona a ka ithorisang ka seo a leng sona feela, e seng ka ho ipapisa le ba bang,

5. hobane motho ka mong o tla itjarela mefokolo ya hae.

Bagalata 6