4. Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo.
5. Ha e le rona, ka matla a Moya wa Modimo, re lebeletse, ka tumelo, tokafatso eo re tshepileng ho e fumana,
6. hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.
7. Le ne le ntse le le temeng. Ke mang ya le thibetseng ho nna le latela nnete?
8. Kgothaletso eo ha e tswe ho ya ntseng a le bitsa.
9. Ka tomoso e seng kae ho lomoswa hlama kaofela.
10. Nna ke le tshepile Moreneng, hore le ke ke la hopola letho lesele. Empa eo ya le ferekanyang, leha e ka ba mang kapa mang, o tla welwa ke kotlo.
11. Ha e le nna, bana beso, haeba ke ntse ke ruta tsa lebollo, keng ha ke sa ntse ke hloriswa? Hoja ho jwalo, kgopiso ya sefapano e ka be e fedisitswe.
12. E se e ka bao ba le fuduhang ba ka iphaola!
13. Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato;
14. etswe Molao wohle o akaretswa ka taelo e le nngwe: Rata wa heno jwalokaha o ithata.
15. Empa ha le lomana, mme le jana, hlokomelang, esere la timetsana.
16. Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho.
17. Ditakatso tsa botho di lwantshana le tsa Moya, le tsa Moya di lwantshana le tsa botho. Di hanyetsana hoo le sitwang ho etsa seo le se ratang.
18. Ha le ka tsamaiswa ke Moya, ha le sa le pusong ya Molao wa Moshe.