21. mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.
22. Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi,
23. bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.
24. Jwale bao e leng ba Kreste ba thakgisitse dithato le ditakatso tsa bona tsa botho.
25. Haeba re phela ka Moya, a re keng re tsamaiswe ke Moya.
26. Re se ke ra ipatlela thoriso ya lefeela; re se ke ra phephetsana, kapa ra honohelana.