Bagalata 5:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Kreste o re lokolotse, hore re fele re be le bolokolohi. Tiisetsang ke hona, mme le se ke la dumela ho boela le jariswa joko ya bokgoba.

2. Mamelang! Ke nna Paulosi ya le bolellang sena: Ha le ka bolla, Kreste ha a sa tla ba le thuso ho lona.

3. Ke paka hape hore mang le mang ya bollang o tlamehile ho phetha Molao wa Moshe kaofela.

4. Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo.

5. Ha e le rona, ka matla a Moya wa Modimo, re lebeletse, ka tumelo, tokafatso eo re tshepileng ho e fumana,

6. hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.

7. Le ne le ntse le le temeng. Ke mang ya le thibetseng ho nna le latela nnete?

8. Kgothaletso eo ha e tswe ho ya ntseng a le bitsa.

9. Ka tomoso e seng kae ho lomoswa hlama kaofela.

10. Nna ke le tshepile Moreneng, hore le ke ke la hopola letho lesele. Empa eo ya le ferekanyang, leha e ka ba mang kapa mang, o tla welwa ke kotlo.

11. Ha e le nna, bana beso, haeba ke ntse ke ruta tsa lebollo, keng ha ke sa ntse ke hloriswa? Hoja ho jwalo, kgopiso ya sefapano e ka be e fedisitswe.

Bagalata 5