Bagalata 4:7-22 BIBELE (SSO89SO)

7. Kahoo ha le sa le makgoba, le se le le bana ba Modimo, mme ha le le bana ba hae, le entswe majalefa ke Modimo.

8. Nakong e fetileng, ka ho se tsebe Modimo, le ile la ba makgoba a tseo ka boleng ba tsona e seng medimo.

9. Empa kaha jwale le tseba Modimo, kapa nka re kaha le tsejwa ke Modimo, le ka kgutlela jwang taolong ya meya eo e fokolang, e futsanehileng, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?

10. Le boloka matsatsi a itseng, le dikgwedi, le dikarolo tsa selemo, le dilemo.

11. Ke a tshaba, esebe ke fufuleletswe lefeela hara lona.

12. Bana beso, ke a le rapela: Ebang jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona. Ha le a ntshitelwa ka letho.

13. Le tseba hore ho qaleng, ho kula ha ka ho ile ha mpha monyetla wa ho le bolella molaetsa o molemo.

14. Ha le a ka la wela molekong wa ho nnyedisa kapa ho nnyekellwa ka baka la boemo ba mmele wa ka, empa le nkamohetse e ka ke lengeloi la Modimo, le jwalokaha le ka amohela Kreste Jesu.

15. Jwale lehlohonolo lela la lona le kae? Etswe ke a le paka hore, hoja ho ne ho ka etsahala, le ka be le ikgontse mahlo, la mpha wona.

16. Na ke fetohile sera sa lona ka ho le bolella nnete?

17. Ba bang ba a le thahasella, empa e seng ka mokgwa o motle; ba mpa ba rata ho le arohanya le nna, hore le tle le thahaselle bona.

18. Ke hantle ho thahasellwa ka sepheo se setle kamehla, e seng feela ha ke le teng hara lona.

19. Bana ba ka, ke boela ke le utlwela bohloko bo kang ba pelehi, ho fihlela Kreste a bopeha ka ho lona.

20. Ke ne nka rata ho ba le lona hona jwale, e le hore ke tle ke tsepamise puo ya ka, hobane taba ya lona e nkemisitse hlooho.

21. Mpolelleng, lona ba ratang ho ba tlasa Molao, na ha le utlwisise Molao?

22. Ho ngotswe hore Aborahama o ne a ena le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi eo e leng lekgoba, e mong e le wa mosadi eo e leng lekgoba, e mong e le wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.

Bagalata 4