Bagalata 4:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. Kaha le le bana, Modimo o rometse Moya wa Mora wa hae dipelong tsa lona, o howang, o re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”

7. Kahoo ha le sa le makgoba, le se le le bana ba Modimo, mme ha le le bana ba hae, le entswe majalefa ke Modimo.

8. Nakong e fetileng, ka ho se tsebe Modimo, le ile la ba makgoba a tseo ka boleng ba tsona e seng medimo.

9. Empa kaha jwale le tseba Modimo, kapa nka re kaha le tsejwa ke Modimo, le ka kgutlela jwang taolong ya meya eo e fokolang, e futsanehileng, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?

10. Le boloka matsatsi a itseng, le dikgwedi, le dikarolo tsa selemo, le dilemo.

11. Ke a tshaba, esebe ke fufuleletswe lefeela hara lona.

12. Bana beso, ke a le rapela: Ebang jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona. Ha le a ntshitelwa ka letho.

13. Le tseba hore ho qaleng, ho kula ha ka ho ile ha mpha monyetla wa ho le bolella molaetsa o molemo.

Bagalata 4