Bagalata 4:28-31 BIBELE (SSO89SO)

28. Jwale, bana beso, lona le bana ba tshepiso jwaloka Isaka.

29. Empa jwalokaha mehleng eo mora ya tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo.

30. Feela Mangolo a reng? A re: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba a ke ke a ba mojalefa le mora wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.”

31. Ha ho le jwalo, bana beso, ha re bana ba mosadi eo e leng lekgoba, empa re ba mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.

Bagalata 4