20. Ke ne nka rata ho ba le lona hona jwale, e le hore ke tle ke tsepamise puo ya ka, hobane taba ya lona e nkemisitse hlooho.
21. Mpolelleng, lona ba ratang ho ba tlasa Molao, na ha le utlwisise Molao?
22. Ho ngotswe hore Aborahama o ne a ena le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi eo e leng lekgoba, e mong e le wa mosadi eo e leng lekgoba, e mong e le wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.
23. Empa mora wa mosadi eo e leng wa lekgoba o ne a tswetswe ka mokgwa o tlwaelehileng; athe mora wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba o ne a tswetswe ho ya ka tshepiso.
24. Taba tseo ke papiso. Basadi bao ba tshwantsha dilekane tse pedi. Se seng se tswang thabeng ya Sinai, se tshwantshwa ka Hagare, ya tswalang makgoba.
25. Hagare o tshwantsha thaba ya Sinai e Arabia, mme o emetse Jerusalema ya kajeno, eo e leng lekgoba hammoho le bana ba yona.
26. Empa Jerusalema e hodimo, e leng mma rona, yona e lokolohile,
27. hobane ho ngotswe, ho thwe:“Thaba, wena nyopa,wena ya sa beleheng;tsanyaola, o bine ka thabo,wena ya sa kang a utlwabohloko ba pelehi;hobane banaba mosadi ya lahlilwengba bangata ho fetaba mosadi ya nyetsweng.”
28. Jwale, bana beso, lona le bana ba tshepiso jwaloka Isaka.
29. Empa jwalokaha mehleng eo mora ya tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo.
30. Feela Mangolo a reng? A re: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba a ke ke a ba mojalefa le mora wa mosadi eo e sa kang ya eba lekgoba.”