1. Jwale ke re, ha mojalefa e sa le ngwana, ha ho moo a fapaneng le lekgoba teng, le hoja e le monga tsohle,
2. empa o tlasa bahodisi le baokamedi ba ntlo, ho fihlela nako e beilweng ke ntatae e fihla.
3. Ho jwalo le ho rona; ha re ne re sa le bana, re ne re le makgoba a meya e busang lefatshe.
4. Empa ha nako e badilweng e se e fihlile, Modimo o ile a roma Mora wa hae, a tswalwa ke mosadi, a ba tlasa Molao,
5. hore a tle a lopolle ba tlasa Molao, re tle re etswe bana ba Modimo.
6. Kaha le le bana, Modimo o rometse Moya wa Mora wa hae dipelong tsa lona, o howang, o re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”
7. Kahoo ha le sa le makgoba, le se le le bana ba Modimo, mme ha le le bana ba hae, le entswe majalefa ke Modimo.
8. Nakong e fetileng, ka ho se tsebe Modimo, le ile la ba makgoba a tseo ka boleng ba tsona e seng medimo.
9. Empa kaha jwale le tseba Modimo, kapa nka re kaha le tsejwa ke Modimo, le ka kgutlela jwang taolong ya meya eo e fokolang, e futsanehileng, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?