17. Seo ke se bolelang ke sena: Molao o ileng wa etswa kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa etsolla selekane se ananetsweng pele ke Modimo, mme wa nyopisa tshepiso.
18. Haeba lefa re le fumana ka Molao, ha e sa le ka tshepiso; athe Aborahama o le filwe ke Modimo ka tshepiso.
19. Ha ho le jwalo, Molao o sebetsang? O ile wa etsetswa ho totobatsa ditlolo tsa molao, hore o sebediswe ho fihlela ho etla setloholo sa Aborahama se etseditsweng tshepiso, mme wa phatlalatswa ke mangeloi, ka mmoelanyi.
20. Jwale mmoelanyi ha a hlokehe ha motho a le mong, mme Modimo o mong.
21. Ha ho le jwalo, na Molao o hanana le ditshepiso tsa Modimo? Le kgale! Hoja batho ba ne ba neilwe Molao o nang le matla a ho ba phedisa, ba ne ba ka lokafatswa ka Molao oo.
22. Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.
23. Pele tumelo e eba teng, re ne re le matleng a Molao wa Moshe, re le ditlamong tsa wona, ho fihlela re ba re senolelwa tumelo.
24. Ka baka leo, Molao oo ya eba mohlokomedi wa rona, ho fihlela Kreste a fihla, mme re lokafatswa ka tumelo.
25. Empa erekaha tumelo e se e le teng, ha re sa le kalosong ya mohlokomedi eo.
26. Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu,
27. hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.
28. Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.