15. Bana beso, a nke ke le nee mohlala wa se etswang ke batho. Ha ho ananetswe selekane le motho, ha ho ya ka se etsollang kapa a eketsa ho hong ho sona.
16. Jwale ditshepiso di ile tsa etsetswa Aborahama le setloholo sa hae. Mangolo ha a re “ditloholo”, e leng ho bolela batho ba bangata, empa a re “le setloholo sa hao”, e leng ho bolela motho a le mong feela, Kreste.
17. Seo ke se bolelang ke sena: Molao o ileng wa etswa kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa etsolla selekane se ananetsweng pele ke Modimo, mme wa nyopisa tshepiso.
18. Haeba lefa re le fumana ka Molao, ha e sa le ka tshepiso; athe Aborahama o le filwe ke Modimo ka tshepiso.
19. Ha ho le jwalo, Molao o sebetsang? O ile wa etsetswa ho totobatsa ditlolo tsa molao, hore o sebediswe ho fihlela ho etla setloholo sa Aborahama se etseditsweng tshepiso, mme wa phatlalatswa ke mangeloi, ka mmoelanyi.
20. Jwale mmoelanyi ha a hlokehe ha motho a le mong, mme Modimo o mong.
21. Ha ho le jwalo, na Molao o hanana le ditshepiso tsa Modimo? Le kgale! Hoja batho ba ne ba neilwe Molao o nang le matla a ho ba phedisa, ba ne ba ka lokafatswa ka Molao oo.
22. Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.