17. “Empa haeba, ha re ntse re batla ho lokafatswa ka Kreste, le rona re fumanwa re le baetsadibe, na ke ho re Kreste ke mokgothaletsi wa sebe? Le kgale!
18. Ha ke tsosa tseo ke di heleditseng, ke iketsa motlodi wa molao.
19. Ka Molao wa Moshe, nna ke shwele ka nqeng ya Molao oo, hore ke tle ke phelele Modimo. Ke thakgisitswe le Kreste;
20. kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.
21. Ha ke lahle mohau wa Modimo, hobane haeba ho loka ho tliswa ke Molao, e tla ba Kreste o shwetse lelea!”