Bagalata 2:10-20 BIBELE (SSO89SO)

10. Feela ba re re hopole mafutsana, e leng seo ke neng ke ikemiseditse ho se etsa.

11. Empa yare ha Kefase a fihla Antiokia, ka mo hanyetsa sefahlamahlo, hobane o ne a fositse.

12. Pele ba bang ba tswang ho Jakobo ba fihla, Kefase o ne a eja le baditjhaba, empa yare ha ba se ba fihlile, a ikgula, a iketsa mokgelo, hobane o ne a tshaba Bajuda.

13. Bajuda ba bang le bona ba ikaketsa jwaloka yena, hoo le Baranabase a bileng a kgeloswa ke boikaketsi boo ba bona.

14. Yare ha ke bona hore ha ba tsamaye ka nnete ya molaetsa o molemo, ka re ho Kefase, mahlong a bona bohle: “Ha wena, o leng Mojuda, o phela jwaloka moditjhaba, e seng jwaloka Mojuda, ho ya kang ha o qobella baditjhaba ho phela jwaloka Bajuda?

15. “Rona re Bajuda ka tswalo, ha re baditjhaba, baetsadibe bano.

16. Leha ho le jwalo, re tseba hore motho ha a lokafatswe ka ho phetha Molao, empa o lokafatswa ka ho dumela ho Kreste Jesu. Le rona re dumetse ho Kreste Jesu, e le hore re tle re lokafatswe ka ho dumela ho Kreste, e seng ka ho phetha Molao, hobane ha ho motho ya ka lokafatswang ka ho phetha Molao.

17. “Empa haeba, ha re ntse re batla ho lokafatswa ka Kreste, le rona re fumanwa re le baetsadibe, na ke ho re Kreste ke mokgothaletsi wa sebe? Le kgale!

18. Ha ke tsosa tseo ke di heleditseng, ke iketsa motlodi wa molao.

19. Ka Molao wa Moshe, nna ke shwele ka nqeng ya Molao oo, hore ke tle ke phelele Modimo. Ke thakgisitswe le Kreste;

20. kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.

Bagalata 2