1. Ha ho se ho fetile dilemo tse leshome le metso e mene, ka boela ka nyolohela Jerusalema, ke ena le Baranabase, le Tite a tsamaya le rona.
2. Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.
3. Esita le yena Tite wa Mogerike, ya neng a ena le nna, ha a ka a qobellwa ho bolla.
4. Hona e ne e le ho hanyetsana le badumedi ba bohata, ba tlileng ka bononnori ho tla iketsa dihlwela tse tlilo hlwela tsa bolkolohi boo re nang le bona ho Kreste Jesu, hore di tle di re etse makgoba.
5. Empa le ka motsotswana feela ha ke a ka ka ba mamela, e le hore le bolokelwe nnete ya molaetsa o molemo.
6. Ha e le bao ba nang le mabitso, ho nna hono hase letho, hobane Modimo ha a ye ka tshobotsi, ha ba a ka ba nkekeletsa letho le letjha.
7. Empa ba bone hore ke tshepetswe ho isa molaetsa o molemo ho baditjhaba, jwalokaha le Petrose a ne a tshepetswe ho o isa ho Bajuda,
8. hobane matla a Modimo a entseng hore Petrose e be moapostola wa Bajuda, le nna a entse hore ke be moapostola wa baditjhaba.
9. Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba tadingwa e le ditshiya, ba hlokomela mohau oo ke o neilweng, ba re tshwara ka matsoho, rona le Baranabase, ho supa hore re tla sebedisana: rona re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho Bajuda.
10. Feela ba re re hopole mafutsana, e leng seo ke neng ke ikemiseditse ho se etsa.
11. Empa yare ha Kefase a fihla Antiokia, ka mo hanyetsa sefahlamahlo, hobane o ne a fositse.
12. Pele ba bang ba tswang ho Jakobo ba fihla, Kefase o ne a eja le baditjhaba, empa yare ha ba se ba fihlile, a ikgula, a iketsa mokgelo, hobane o ne a tshaba Bajuda.
13. Bajuda ba bang le bona ba ikaketsa jwaloka yena, hoo le Baranabase a bileng a kgeloswa ke boikaketsi boo ba bona.
14. Yare ha ke bona hore ha ba tsamaye ka nnete ya molaetsa o molemo, ka re ho Kefase, mahlong a bona bohle: “Ha wena, o leng Mojuda, o phela jwaloka moditjhaba, e seng jwaloka Mojuda, ho ya kang ha o qobella baditjhaba ho phela jwaloka Bajuda?