Bagalata 1:8-16 BIBELE (SSO89SO)

8. Empa ha e mong, leha e ka ba rona kapa lengeloi le tswang lehodimong, a ka le bolella molaetsa o fapaneng le oo re le boleletseng wona, a ke a rohakehe.

9. Jwalokaha re se re ile ra rialo pele, le jwale ke sa boela ke rialo: Ha e mong a le bolella molaetsa o fapaneng le oo le o amohetseng, a ke a rohakehe.

10. Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.

11. Bana beso, ke le tsebisa hore molaetsa o molemo oo ke o boletseng, hase o qapilweng ke motho,

12. hobane ha ke a ka ka o newa kapa ka o rutwa ke motho, empa ke o senoletswe ke Jesu Kreste.

13. Efela le utlwile tsa metsamao ya ka ya mehleng e fetileng, ke sa le wa tumelo ya Sejuda, le kamoo ke nnileng ka hlorisa Kereke ya Modimo hampe kateng, ke leka ho e fedisa.

14. Ke ne ke feta thaka tsa ka tse ngata tsa setjhaba sa heso ka ho boloka tumelo ya Sejuda, ke boulela meetlo ya baholoholo haholo.

15. Empa yare ha ya nkgethileng ke sa le popelong ya mme, ya mpitsitseng ka mohau wa hae, a kgahlwa

16. ke ho ntshenolela Mora wa hae, hore ke tle ke bolele molaetsa o molemo wa hae hara baditjhaba, ka se ke ka batla keletso ho motho.

Bagalata 1