Bagalata 1:17-24 BIBELE (SSO89SO)

17. Le teng, ha ke a ka ka nyolohela Jerusalema ho bao e bileng baapostola pele ho nna, empa ke ile ka ikela Arabia, ka nto kgutlela Damaseka hape.

18. Kamora mona, hoba ho fete dilemo tse tharo, ka nyolohela Jerusalema ho ya tsebana le Kefase. Ka hlola le yena matsatsi a leshome le metso e mehlano,

19. empa ha ke a ka ka bona baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.

20. Modimo o a tseba hore tsena tseo ke le ngollang tsona hase leshano.

21. Yaba ke ya dinaheng tsa Siria le Silesia.

22. Dikereke tsa Kreste tse Judea di ne di eso bone sefahleho sa ka;

23. di ne di utlwile feela ha ho thwe: “Ya neng a re hlorisa mehleng e fetileng, jwale o bolela molaetsa o molemo wa tumelo eo a neng a leka ho e fedisa.”

24. Tsa tlotlisa Modimo ka baka la ka.

Bagalata 1