Bagalata 1:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Nna Paulosi, maopostola ya sa rongwang ke batho, kapa ke motho, empa ya romilweng ke Jesu Kreste le Modimo Ntate ya mo tsositseng bafung,

2. nna le bana babo rona bohle, re dumedisa dikereke tsa Galatia, re re:

3. Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.

4. Kreste o itetse ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona.

5. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!

6. Ke makatswa ke ha le phakisa ho furalla ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, mme le ineela molaetseng osele.

7. Hase hore ho teng o mong osele, empa ho teng ke batho ba le ferekanyang, ba ratang ho sokamisetsa molaetsa o molemo wa Kreste hosele.

8. Empa ha e mong, leha e ka ba rona kapa lengeloi le tswang lehodimong, a ka le bolella molaetsa o fapaneng le oo re le boleletseng wona, a ke a rohakehe.

9. Jwalokaha re se re ile ra rialo pele, le jwale ke sa boela ke rialo: Ha e mong a le bolella molaetsa o fapaneng le oo le o amohetseng, a ke a rohakehe.

10. Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.

11. Bana beso, ke le tsebisa hore molaetsa o molemo oo ke o boletseng, hase o qapilweng ke motho,

12. hobane ha ke a ka ka o newa kapa ka o rutwa ke motho, empa ke o senoletswe ke Jesu Kreste.

13. Efela le utlwile tsa metsamao ya ka ya mehleng e fetileng, ke sa le wa tumelo ya Sejuda, le kamoo ke nnileng ka hlorisa Kereke ya Modimo hampe kateng, ke leka ho e fedisa.

14. Ke ne ke feta thaka tsa ka tse ngata tsa setjhaba sa heso ka ho boloka tumelo ya Sejuda, ke boulela meetlo ya baholoholo haholo.

Bagalata 1