Bafilipi 4:13-23 BIBELE (SSO89SO)

13. Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.

14. Leha ho le jwalo, le entse hantle ha le nthusitse tsietsing ya ka.

15. Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho phatlalatsa molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e kileng ya mpuseletsa letho bakeng sa thuso ya ka, haese lona feela.

16. Ha ke ne ke le Thesalonika, ke ka makgetlo le ileng la nthomella seo ke neng ke se hloka.

17. Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana.

18. Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.

19. Modimo wa ka o tla le sitsa ka tsohle tseo le di hlokang, ho ya ka bongata ba maruo a hae, ka Kreste Jesu.

20. Jwale tlotla e be ho Modimo Ntata rona kamehla le mehla. A ho be jwalo!

21. Dumedisang bohle ba dumelang ho Kreste Jesu. Bana babo rona, bao ke nang le bona, ba a le dumedisa.

22. Badumedi bohle ba a le dumedisa, haholoholo ba sebetsang tlung ya Sesare.

23. Mohau wa Morena Jesu Kreste o ke o be le lona.

Bafilipi 4