7. Empa tsohle tseo ke neng ke di tadima e le phaello, jwale ke di nka e le tahlehelo, ka baka la Kreste.
8. Ho feta mona ke nka tsohle e le tahlehelo, ha ke di bapisa le seo e leng sa bohlokwa, e leng ho tseba Kreste Jesu, Morena wa ka. Ka baka la hae ke tetse tsohle, mme ke di nka e le manyala, e le hore ke tle ke rue Kreste,
9. ke be ntho e le nngwe le yena, e seng ka ho loka ha ka ho tswang Molaong, empa ka ho loka ho fumanwang ka tumelo ho Kreste. Ho loka hona ho tswa ho Modimo, ho theilwe hodima tumelo.
10. Ke batla ho tseba Kreste feela, le matla a tsoho ya hae, ke be le kabelo mahlokong a hae, ka ho tshwana le yena lefung la hae,
11. ka tshepo ya hore ke tla tsoswa bafung ho iswa bophelong.
12. Hase ho re ke se ke fihletse tsena tsohle, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke hwatalletse ho di hapa, hobane le nna Kreste Jesu a se a nkgapile.
13. Bana beso, ha ke hopole hore ke se ke di hapile; ke etsa ntho e le nngwe feela, e leng ho lebala tseo ke seng ke di fetile, ke mpa ke hahamalla tse kapele.
14. Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.
15. Jwale rona ba seng ba phethehile, a re inahaneng jwalo, mme haeba ho ena le moo le sa nahaneng ka ho tshwana, Modimo o tla le senolela.
16. Leha ho le jwalo, a re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.
17. Bana beso, bohle le nketsise. Ke le beetse mohlala, kahoo inkeleng wona ho ba o latelang.
18. Jwalokaha ke le boleletse ka makgetlo, ke boetse ke pheta hape ka dikgapha, ke re: Ba bangata ba se ba phela e le dira tsa sefapano sa Kreste.