Bafilipi 3:15-21 BIBELE (SSO89SO)

15. Jwale rona ba seng ba phethehile, a re inahaneng jwalo, mme haeba ho ena le moo le sa nahaneng ka ho tshwana, Modimo o tla le senolela.

16. Leha ho le jwalo, a re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.

17. Bana beso, bohle le nketsise. Ke le beetse mohlala, kahoo inkeleng wona ho ba o latelang.

18. Jwalokaha ke le boleletse ka makgetlo, ke boetse ke pheta hape ka dikgapha, ke re: Ba bangata ba se ba phela e le dira tsa sefapano sa Kreste.

19. Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.

20. Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste.

21. O tla fetola mmele ya rona e nyedisehang, hore e tshwane le mmele wa hae o tlotlehang, ka matla ao a nang le wona a ho bea tsohle tlasa hae.

Bafilipi 3