12. Hase ho re ke se ke fihletse tsena tsohle, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke hwatalletse ho di hapa, hobane le nna Kreste Jesu a se a nkgapile.
13. Bana beso, ha ke hopole hore ke se ke di hapile; ke etsa ntho e le nngwe feela, e leng ho lebala tseo ke seng ke di fetile, ke mpa ke hahamalla tse kapele.
14. Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.
15. Jwale rona ba seng ba phethehile, a re inahaneng jwalo, mme haeba ho ena le moo le sa nahaneng ka ho tshwana, Modimo o tla le senolela.
16. Leha ho le jwalo, a re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.
17. Bana beso, bohle le nketsise. Ke le beetse mohlala, kahoo inkeleng wona ho ba o latelang.
18. Jwalokaha ke le boleletse ka makgetlo, ke boetse ke pheta hape ka dikgapha, ke re: Ba bangata ba se ba phela e le dira tsa sefapano sa Kreste.
19. Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.
20. Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste.