1. Jwale, bana beso, ke re: Thabang ka ho ba ho Morena. Ha ke tswafe ho pheta seo ke ileng ka le ngolla sona, etswe hona ho tla etsa hore le se tsebisise.
2. Hlokomelang dintjha tseno, hlokomelang bano ba etsang bokgopo, hlokomelang bano ba lebollo le se nang thuso.
3. Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.
4. Le nna ke ne nka tshepa tsa botho.Haeba e mong a hopola hore a ka di tshepa, e ne e ka ba nna wa pele.
5. Ke ile ka bolotswa ha ke le matsatsi a robedi. Ke Moiseraele ka tswalo, wa leloko la Benjamine, ke Moheberu wa mmakgonthe. Ka nqeng ya Molao ke Mofarisi;
6. ka nqeng ya tjheseho ke ne ke le mohlorisi wa kereke; ka nqeng ya ho loka ho tswang Molaong, ha ke nyatsehe.
7. Empa tsohle tseo ke neng ke di tadima e le phaello, jwale ke di nka e le tahlehelo, ka baka la Kreste.
8. Ho feta mona ke nka tsohle e le tahlehelo, ha ke di bapisa le seo e leng sa bohlokwa, e leng ho tseba Kreste Jesu, Morena wa ka. Ka baka la hae ke tetse tsohle, mme ke di nka e le manyala, e le hore ke tle ke rue Kreste,
9. ke be ntho e le nngwe le yena, e seng ka ho loka ha ka ho tswang Molaong, empa ka ho loka ho fumanwang ka tumelo ho Kreste. Ho loka hona ho tswa ho Modimo, ho theilwe hodima tumelo.